40. O heleditse marako a hae kaofela, o rapaladitse diqhobosheane tsa hae.
41. Bafeti kaofela ba mo senyetsa, o entswe sekgobo sa ba mathoko.
42. O phahamisitse letsoho le letona la batubi ba hae, o thabisitse dira tsa hae kaofela;
43. o thithibantse bohale ba lerumo la hae, mme ha o a ka wa mo tiisa ntweng.
44. O fedisitse kganya ya hae, o rapaladitse terone ya hae fatshe;
45. o kgutshofaditse matsatsi a botjha ba hae, wa mo kgurumetsa ka dihlong. (Sela.)
46. Jehova, o tla nne o ipate ho isa kae? Kgalefo ya hao e tla tuka jwaloka mollo ho isa neneng?
47. Hopola hore bophelo ba ka bo bokgutshwanyane, le hore bana bohle ba batho o ba bopetse lefeela!
48. Motho ke mang ya phelang, mme a sa tlo ka a bona ho shwa? Ke mang ya ka lopollang moya wa hae matleng a nqalo ya bafu? (Sela.)
49. Morena, e kae mehauhelo ya hao ya pele, eo, botshepehing ba hao, o e baletseng Davida ka kano?