BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 89:32-47 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

32. ke tla otla ditlolo tsa bona ka thupa, le bokgopo ba bona ka phafa;

33. empa nke ke ka ba amoha mohau wa ka, mme nke ke ka etsa botshepehi ba ka leshano;

34. nke ke ka senya selekane sa ka, mme nke ke ka fetola lentswe le tswileng molomong wa ka.

35. Ke hlapantse ho hong kgalalelong ya ka, ka re: Nke ke ka iketsa ya leshano ho Davida!

36. Moloko wa hae o tla nne o be teng ka ho sa feleng, terone ya hae e tla nne e be teng pela ka jwaloka letsatsi;

37. e tla tiya ka ho sa yeng kae jwaloka kgwedi. Paki e mahodimong e a tshepeha. (Sela.)

38. Leha ho le jwalo, o lelekile motlotsuwa wa hao, o mo lahlile, o mo halefetse;

39. o nyedisitse selekane seo o neng o se entse le mohlanka wa hao, o silafaditse moqhaka wa hae ka ho o lahlela fatshe.

40. O heleditse marako a hae kaofela, o rapaladitse diqhobosheane tsa hae.

41. Bafeti kaofela ba mo senyetsa, o entswe sekgobo sa ba mathoko.

42. O phahamisitse letsoho le letona la batubi ba hae, o thabisitse dira tsa hae kaofela;

43. o thithibantse bohale ba lerumo la hae, mme ha o a ka wa mo tiisa ntweng.

44. O fedisitse kganya ya hae, o rapaladitse terone ya hae fatshe;

45. o kgutshofaditse matsatsi a botjha ba hae, wa mo kgurumetsa ka dihlong. (Sela.)

46. Jehova, o tla nne o ipate ho isa kae? Kgalefo ya hao e tla tuka jwaloka mollo ho isa neneng?

47. Hopola hore bophelo ba ka bo bokgutshwanyane, le hore bana bohle ba batho o ba bopetse lefeela!