BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 89:3-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. O itse: Ke entse selekane le mokgethwa wa ka, ke hlapantse ho Davida, mohlanka wa ka, ka re:

4. Ke tla tiisa leloko la hao ka ho sa yeng kae, ke tiise terone ya hao ho isa melokong yohle. (Sela.)

5. Jehova, mahodimo a tumisa mehlolo ya hao, a bolela botshepehi ba hao phuthehong ya bahalaledi.

6. Hobane, phahameng ya mahodimo, ke mang ya ka itekantshang le Jehova? Ke mang ya tshwanang le Jehova hara bara ba Modimo?

7. Modimo o tshabeha mokgatlong o moholo wa bahalaledi, o tshajwa ke bohle ba o teelang hare.

8. Jehova, Modimo wa makgotla, ke mang ya matla jwaloka wena, Jehova? O teetswe hare ke botshepehi ba hao.

9. O laola boikgantsho ba lewatle: ha le emisa maqhubu a lona, wena o a a kokobetsa.