BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 89:20-37 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. ke bone Davida, mohlanka wa ka, ke mo tlotsitse ka ole ya ka ya kgalalelo.

21. Seatla sa ka se tla mo ahisa, letsoho la ka le mo tiise.

22. Sera se ke ke sa mo tsometsa, molotsana a ke ke a mo kokobetsa.

23. Bahanyetsi ba hae ke tla ba ripitla pela hae, ke otle dira tsa hae.

24. Botshepehi ba ka le mohau wa ka di tla ba le yena, mme lenaka la hae le tla hola lebitsong la ka;

25. ke tla bea seatla sa hae hodima lewatle, le letsoho le letona la hae hodima dinoka.

26. Yena o tla bitsa ho nna, a re: Ke wena ntate, Modimo wa ka, le lefika la poloko ya ka!

27. Mme nna ke tla mmea letsibolo la ka, le ya phahamileng hara marena a lefatshe.

28. Ke tla mmolokela mohau wa ka ka ho sa yeng kae; selekane sa ka le yena e tla ba sa mehla le mehla.

29. Ke tla etsa moloko wa hae hore e be o sa feleng, mme terone ya hae e ya nne e tiye ha mahodimo a ntse a le teng.

30. Ekare ha bara ba hae ba tlohela molao wa ka, ba sa ye ka ditaelo tsa ka,

31. ha ba tlola dikeletso tsa ka, ba sa boloke ditaelo tsa ka,

32. ke tla otla ditlolo tsa bona ka thupa, le bokgopo ba bona ka phafa;

33. empa nke ke ka ba amoha mohau wa ka, mme nke ke ka etsa botshepehi ba ka leshano;

34. nke ke ka senya selekane sa ka, mme nke ke ka fetola lentswe le tswileng molomong wa ka.

35. Ke hlapantse ho hong kgalalelong ya ka, ka re: Nke ke ka iketsa ya leshano ho Davida!

36. Moloko wa hae o tla nne o be teng ka ho sa feleng, terone ya hae e tla nne e be teng pela ka jwaloka letsatsi;

37. e tla tiya ka ho sa yeng kae jwaloka kgwedi. Paki e mahodimong e a tshepeha. (Sela.)