BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 89:19-28 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

19. Mohlang oo, o kile wa bua ka pono ho bakgethwa ba hao, wa re: Ke thusitse mohale, ke phahamisitse eo ke mo kgethileng hara setjhaba;

20. ke bone Davida, mohlanka wa ka, ke mo tlotsitse ka ole ya ka ya kgalalelo.

21. Seatla sa ka se tla mo ahisa, letsoho la ka le mo tiise.

22. Sera se ke ke sa mo tsometsa, molotsana a ke ke a mo kokobetsa.

23. Bahanyetsi ba hae ke tla ba ripitla pela hae, ke otle dira tsa hae.

24. Botshepehi ba ka le mohau wa ka di tla ba le yena, mme lenaka la hae le tla hola lebitsong la ka;

25. ke tla bea seatla sa hae hodima lewatle, le letsoho le letona la hae hodima dinoka.

26. Yena o tla bitsa ho nna, a re: Ke wena ntate, Modimo wa ka, le lefika la poloko ya ka!

27. Mme nna ke tla mmea letsibolo la ka, le ya phahamileng hara marena a lefatshe.

28. Ke tla mmolokela mohau wa ka ka ho sa yeng kae; selekane sa ka le yena e tla ba sa mehla le mehla.