12. Na o rapalaleditseng metero ya wona, o tle o kotulwe ke bafeti kaofela?
13. O sohlokanngwa ke dikolobe tsa meru, diphoofolo tsa naha di tlile ho hakolela teng!
14. Oho boya, Modimo wa makgotla! tadima o le lehodimong, mme o bone, o ele morara ona hloko!
15. O sireletse seo letsoho le letona la hao le se hlomileng, le lehlomela leo o ikgethetseng lona.
16. Morara o tjhele ke mollo, o remilwe; ba fela ke tshokelo ya sefahleho sa hao.
17. Sireletsa motho, mosebetsi wa letsoho la hao le letona, le mora wa motho eo o ikgethetseng yena.
18. Mme ha re sa tla hlola re o tlohela; o boele o re phedise, mme re tla rapela lebitso la hao.
19. Jehova, Modimo wa makgotla, o boele o re ahise, o kgantshe sefahleho sa hao, mme re tla bolokeha!