BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 78:69-72 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

69. A tiisa sehalalelo sa hae jwaloka dithaba, jwaloka lefatshe leo a le theetseng mehla e sa feleng.

70. A kgetha Davida, mohlanka wa hae, a mo nka merakeng ya dinku;

71. a mo tlosa dinkung tsa ditswetse, e tle e be modisa wa Jakobo, setjhaba sa hae, le wa Iseraele, lefa la hae.

72. Mme Davida a ba moalosi wa bona ka pelo e hlwekileng, a ba tsamaisa ka letsoho le hlalefileng.