BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 78:61-70 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

61. wa lesa kganya ya wona ya iswa kgolehong, le bokgabane ba wona ba wela matsohong a dira;

62. setjhaba sa wona wa se neela lerumo, wa halefela lefa la wona.

63. Wa fedisa bahlankana ba bona ka mollo, mme barwetsana ba bona ha ba ka ba etsetswa mekete ya manyalo.

64. Baprista ba bona ba dihuwa ke lerumo, mme bahlolohadi ba bona ha ba ka ba lla.

65. Yaba Morena o phaphama jwaloka motho ya robetseng, jwaloka mohale ya hoiswang ke veine,

66. a suthisa dira tsa hae, a ba jarisa dihlong tse sa feleng.

67. Leha ho le jwalo, a lahla tente ya Josefa, mme ha a ka a kgetha leloko la Efraime;

68. empa a kgetha leloko la Juda le thaba ya Sione eo a e ratang.

69. A tiisa sehalalelo sa hae jwaloka dithaba, jwaloka lefatshe leo a le theetseng mehla e sa feleng.

70. A kgetha Davida, mohlanka wa hae, a mo nka merakeng ya dinku;