BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 78:54-64 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

54. Wa ba fihlisa naheng ya wona e kgethehileng, thabeng e neng e hapuwe ke letsoho la wona le letona;

55. wa lelekisa matjhaba pela bona, wa ba arolela lefa la bona ka thapo, mme wa kenya meloko ya Iseraele ditenteng tsa yona.

56. Empa ba leka Modimo, ba ikgantshetsa Mookamedi ya phahameng, ha ba ka ba boloka ditaelo tsa wona;

57. ba fetoha bakwenehi le ba mano jwaloka bontata bona, ba eba jwaloka seqha se thetsang;

58. ba baka bohale ba wona ka dinqalo tsa bona tse diphahameng, le poulelo ya wona ka ditshwantsho tsa medimo ya bona.

59. Modimo ha o bona hoo, wa halefa haholo, wa tenwa hampe ke Iseraele.

60. Yaba o tlohela tabernakele ya Silo, tente eo o neng o dutse ho yona hara batho,

61. wa lesa kganya ya wona ya iswa kgolehong, le bokgabane ba wona ba wela matsohong a dira;

62. setjhaba sa wona wa se neela lerumo, wa halefela lefa la wona.

63. Wa fedisa bahlankana ba bona ka mollo, mme barwetsana ba bona ha ba ka ba etsetswa mekete ya manyalo.

64. Baprista ba bona ba dihuwa ke lerumo, mme bahlolohadi ba bona ha ba ka ba lla.