BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 78:41-54 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

41. Ba boela ba leka Modimo, ba halefisa Mohalaledi wa Iseraele.

42. Ha ba ka ba hlola ba hopola letsoho la wona leha e le letsatsi leo o ba lopolotseng direng ka lona,

43. mohla o etsang mehlolo fatsheng la Egepeta, le dimakatso naheng ya Tsowane.

44. Wa fetola dinoka tsa bona madi, ba ba ba sitwa ho nwa metsi a melatswana ya tsona.

45. Wa ba romela menwang e neng e ba qeta, le dihohwana tse neng di ba tshwenya.

46. Ka diboko wa fedisa masimo a bona, le ka tsie ditholwana tsa tshebetso ya bona.

47. Wa bolaya merara ya bona ka sefako, le difate tsa bona tsa sikomora ka lebabo.

48. Wa otla makgomo a bona ka sefako, le mehlape ya bona ka letolo le tjhesang.

49. Wa ba betsa ka mollo wa bohale ba wona, ka kgalefo, tsheno, matswalo, ka lekgotla la mangeloi a bohale.

50. Wa nna wa nea kgalefo ya wona sebaka, ha o a ka wa qenehela meya ya bona; empa ka lefu la sewa wa timetsa bophelo ba bona,

51. Wa otla matsibolo kaofela naheng ya Egepeta, sehlooho sa bonna ba bona ditenteng tsa Kama.

52. Wa ntsha setjhaba sa wona jwaloka dinku, wa ba tsamaisa lefeelleng jwaloka mohlape.

53. Wa ba qhoba hamonate, ba sa tshohe letho, mme lewatle la kwahela dira tsa bona.

54. Wa ba fihlisa naheng ya wona e kgethehileng, thabeng e neng e hapuwe ke letsoho la wona le letona;