BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 78:31-42 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

31. wa hlahisetsa banna ba matla polao, wa rapalatsa bahlankana ba Iseraele fatshe.

32. Leha ho le jwalo, ba boela ba sitwa, ba se ke ba dumela meeka ya wona.

33. Wa fedisa matsatsi a bona hang, le dilemo tsa bona ka tshenyeho e phakisisang.

34. Enereha o ba bolaya, yaba hona ba o batlang, ba kgutlang, ba batla Modimo,

35. ba elellwa hoba Modimo ke lefika la bona, le hoba Modimo, Mookamedi ya phahameng, ke Molopolli wa bona.

36. Empa melomo ya bona ya nna ya o thetsa, maleme a bona a bua leshano ho wona,

37. pelo tsa bona ha di a ka tsa o kgomarela ho tiya, mme ha ba ka ba tiisetsa selekaneng sa wona.

38. Lerekong la wona wa tshwarela bokgopo ba bona, ha o a ka wa ba timetsa; wa itshwara kgalefong hangata; ha o a ka wa nea bohale bohle ba wona sebaka,

39. wa hopola hobane ke batho feela, ka phefumoloho e ikelang, e sa hloleng e boya.

40. Ba o kwenehela hangata hakakang lefeelleng! ba nna ba o kgathatsa hakakang nahathothe!

41. Ba boela ba leka Modimo, ba halefisa Mohalaledi wa Iseraele.

42. Ha ba ka ba hlola ba hopola letsoho la wona leha e le letsatsi leo o ba lopolotseng direng ka lona,