BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 78:29-33 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

29. Yaba ba ja, ba kgora hampe; wa ba romela seo ba neng ba se lakaditse.

30. Yare ba eso ho kgodisise takatso ya bona, nama ha e sa le molomong wa bona, bohale ba Modimo ba ba tukela,

31. wa hlahisetsa banna ba matla polao, wa rapalatsa bahlankana ba Iseraele fatshe.

32. Leha ho le jwalo, ba boela ba sitwa, ba se ke ba dumela meeka ya wona.

33. Wa fedisa matsatsi a bona hang, le dilemo tsa bona ka tshenyeho e phakisisang.