BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 78:22-25 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

22. hobane ba sa ka ba dumela ho Modimo, ba sa ka ba tshepa thuso ya wona.

23. Leha ho le jwalo, wa laela maru hodimo, wa bula menyako ya mahodimo;

24. wa ba nesetsa manna ho ba fepa, wa ba fa mabele a lehodimo;

25. ba eja e mong le e mong bohobe ba dinatla; wa ba romela dijo, ba kgora.