BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 78:20-34 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

20. O fedile wa otla lefika, mme metsi a phorosetsa, dinoka tsa phalla; hleka o ka re fa le bohobe, le ho otla setjhaba sa wona ka dinama na?

21. Yanayare Jehova ha a utlwa dipolelo tseo, a halefa, mollo wa tukela Jakobo, bohale ba phahamela Iseraele,

22. hobane ba sa ka ba dumela ho Modimo, ba sa ka ba tshepa thuso ya wona.

23. Leha ho le jwalo, wa laela maru hodimo, wa bula menyako ya mahodimo;

24. wa ba nesetsa manna ho ba fepa, wa ba fa mabele a lehodimo;

25. ba eja e mong le e mong bohobe ba dinatla; wa ba romela dijo, ba kgora.

26. Wa fokisa moya wa botjhabela sebakeng, ka matla a wona wa tlisa moya wa borwa,

27. wa ba nesetsa nama e ka ka lerole, le dinonyana tse mapheo tse kale ke lahlabathe la mawatle,

28. wa di wesetsa dipakeng tsa ditente tsa bona, ka nqa tsohle ho meaho ya bona.

29. Yaba ba ja, ba kgora hampe; wa ba romela seo ba neng ba se lakaditse.

30. Yare ba eso ho kgodisise takatso ya bona, nama ha e sa le molomong wa bona, bohale ba Modimo ba ba tukela,

31. wa hlahisetsa banna ba matla polao, wa rapalatsa bahlankana ba Iseraele fatshe.

32. Leha ho le jwalo, ba boela ba sitwa, ba se ke ba dumela meeka ya wona.

33. Wa fedisa matsatsi a bona hang, le dilemo tsa bona ka tshenyeho e phakisisang.

34. Enereha o ba bolaya, yaba hona ba o batlang, ba kgutlang, ba batla Modimo,