BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 78:10-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

10. ha ba ka ba boloka selekane sa Modimo, ba hana ho tsamaya ka molao wa wona;

11. ba lebala ketso tsa wona tse phahameng le meeka ya wona, eo o ba bontshitseng yona.

12. O entse meeka mahlong a bontata bona naheng ya Egepeta, dithoteng tsa Tsowane.

13. Wa phatlola lewatle, wa ba tshedisa lona, wa emisa metsi jwaloka qubu;

14. motshehare wa ba tsamaisa ka leru, le bosiu bohle ka kgabo ya mollo.

15. Wa patsola mafika lefeelleng, wa ba nosa teng jwaloka hola ba enwa madibeng a maholo,

16. wa ntsha dinokana lefikeng, wa phallisa metsi ka diphororo.

17. Leha ho le jwalo, ba nna ba o sitelwa, ba nna ba kwenehela Mookamedi ya phahameng, lefeelleng.

18. Ba leka Modimo dipelong tsa bona, ka ho kopa ho fepuwa kamoo ba lakatsang kateng; ba seba Modimo, ba re:

19. Na Modimo o ka tseba ho re tekela tafole lefeelleng na?

20. O fedile wa otla lefika, mme metsi a phorosetsa, dinoka tsa phalla; hleka o ka re fa le bohobe, le ho otla setjhaba sa wona ka dinama na?

21. Yanayare Jehova ha a utlwa dipolelo tseo, a halefa, mollo wa tukela Jakobo, bohale ba phahamela Iseraele,

22. hobane ba sa ka ba dumela ho Modimo, ba sa ka ba tshepa thuso ya wona.

23. Leha ho le jwalo, wa laela maru hodimo, wa bula menyako ya mahodimo;