BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 78:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Oho setjhaba sa ka, mamela thuto ya ka. Sekehela mantswe a molomo wa ka ditsebe.

2. Ke ahlamisa molomo wa ka ho hlahisa dipolelo tsa dikelello le ho bolela dithuto tsa kgale.

3. Seo re se utlwileng, seo re se tsebileng, seo bontata rona ba re boleletseng sona, re ke ke ra se patela bana ba bona;

4. re tla phetela ditloholo tsa rona dithoko tsa Jehova, le matla a hae, le mehlolo e entsweng ke yena.

5. O beetse Jakobo bopaki, o beile molao Iseraeleng, oo a laetseng bontata rona hore ba o tsebise bana ba bona,

6. e le hore o tsejwe ke moloko o hlahlamang, e leng bana ba tlang ho tswalwa,

7. hore le bona ba o bolelle bana ba bona, ba ke ba itshepele Modimo, ba se ke ba lebala diketso tsa Modimo, mme ba boloke ditaelo tsa wona;

8. ba se ke ba etsisa bontata bona, bao e bileng moloko o ikgantshang, o hanyetsang, moloko o sa kang wa tsamaya ka pelo e tiileng, oo moya wa wona o sa kang wa tshepeha ho Modimo.

9. Bana ba Efraime ba hlometseng, ba tshwereng diqha, ba ile ba baleha tsatsing la ntwa;

10. ha ba ka ba boloka selekane sa Modimo, ba hana ho tsamaya ka molao wa wona;