BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 75:7-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

7. empa ke Modimo o ahlolang: o kokobetsa e mong, mme e mong o mo phahamise.

8. Hobane mohope o letsohong la Jehova, veine e phophoma ho wona, e tletse ditswako; o tshela ka wona, mme banyefodi ba lefatshe ba tla nwa ho wona, ba be ba nwe le ditshifa.

9. Haele nna, ke tla nne ke bolele tseo kamehla, ke rorise Modimo wa Jakobo!

10. Ke tla roba dinaka tsa ba bolotsana; empa dinaka tsa ba lokileng di tla phahamiswa.