BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 75:1-9 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Re a o roka, Modimo, re a o roka; lebitso la hao le pela rona; ho bolelwa meeka ya hao.

2. Etlare hobane ke bee latsatsi la teng, ke tla ahlola ka ho loka.

3. Lefatshe le a tlakasela le ba ahileng ho lona; empa ke nna ke tiisang ditshiya tsa lona. (Sela.)

4. Ke moo ke reng ho baikakasi: Le se ke la ikakasa! le ho banyefodi: Le se ke la phahamisa lenaka la lona.

5. Le se ke la phahamisa lenaka la lona hakalo, le se ke la bua ka bonyefodi, ka melala e sataletseng!

6. Hobane kahlolo ha e tswe botjhabela, leha e le bophirimela, leha e le lefeelleng;

7. empa ke Modimo o ahlolang: o kokobetsa e mong, mme e mong o mo phahamise.

8. Hobane mohope o letsohong la Jehova, veine e phophoma ho wona, e tletse ditswako; o tshela ka wona, mme banyefodi ba lefatshe ba tla nwa ho wona, ba be ba nwe le ditshifa.

9. Haele nna, ke tla nne ke bolele tseo kamehla, ke rorise Modimo wa Jakobo!