BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 74:3-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Lebisetsa maoto a hao dithakong tse ntseng di senyehile. Sera se sentse hohle sehalalelong sa hao.

4. Bahanyetsi ba hao ba kile ba kurutla ka tempeleng ya hao, ba beile dipontsho tsa bona teng.

5. Ba eba jwaloka batho ba remakang ka dilepe boteteanong ba moru.

6. Ka dilepe le ka dinoto tsa bona, ba sentse dikgabiso tsohle tse betlilweng.

7. Ba tjhesitse sehalalelo sa hao ka mollo; ba hlompholotse, ba rapaladitse boaho ba lebitso la hao.

8. Ba itse dipelong tsa bona: A re keng re ba senye kaofela hammoho! Ba tjhesitse naheng ena nqalo tsohle tsa Modimo moo ho phuthehelwang teng.

9. Ha re sa bona dipontsho tsa rona; ha ho sa le moporofeta, ha re sa na motho ya ka tsebang hore na ho tla ba jwalo ho isa kae.

10. Oho Modimo, sera se tla re soma ho isa kae? A sera se tla nyefola lebitso la hao kamehla na?

11. O honyeletsang letsoho la hao, letsoho la hao le letona? Ako le ntshe fubeng sa hao, o ba timeletse!

12. Leha ho le jwalo, Modimo ke Morena wa ka esale le kgale, ya ntseng a sebetsa dipoloko hara lefatshe.

13. Ke wena ya arohantseng metsi a lewatle ka matla a hao; wa pshatla dihlooho tsa didrakone metsing.

14. Wa thumakanya hlooho ya leviathane, o e neetse diphoofolo tse lefeelleng e be dijo tsa tsona.

15. Wa tsaradisa mehlodi le melatswana, wa pshesa dinoka tse sa psheng le mehla.

16. Nyene ke ya hao, le bosiu ke ba hao; o entse lesedi le letsatsi.

17. O beile meedi kaofela ya lefatshe; lehlabula le mariha ke wena ya di entseng.

18. Hopola hoba sera se nyefotse Jehova, le hoba setjhaba se hlanyang se rohakile lebitso la hao.