BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 74:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Oho Modimo, o re lahletseng kamehla? Bohale ba hao bo kubellelang mohlape oo o leng modisa wa wona?

2. Hopola phutheho ya hao eo o e ruileng kgale, eo o e lopolotseng e be moloko wa lefa la hao; hopola le thaba ya Sione, eo o e entseng boaho ba hao.

3. Lebisetsa maoto a hao dithakong tse ntseng di senyehile. Sera se sentse hohle sehalalelong sa hao.

4. Bahanyetsi ba hao ba kile ba kurutla ka tempeleng ya hao, ba beile dipontsho tsa bona teng.

5. Ba eba jwaloka batho ba remakang ka dilepe boteteanong ba moru.

6. Ka dilepe le ka dinoto tsa bona, ba sentse dikgabiso tsohle tse betlilweng.

7. Ba tjhesitse sehalalelo sa hao ka mollo; ba hlompholotse, ba rapaladitse boaho ba lebitso la hao.

8. Ba itse dipelong tsa bona: A re keng re ba senye kaofela hammoho! Ba tjhesitse naheng ena nqalo tsohle tsa Modimo moo ho phuthehelwang teng.

9. Ha re sa bona dipontsho tsa rona; ha ho sa le moporofeta, ha re sa na motho ya ka tsebang hore na ho tla ba jwalo ho isa kae.

10. Oho Modimo, sera se tla re soma ho isa kae? A sera se tla nyefola lebitso la hao kamehla na?

11. O honyeletsang letsoho la hao, letsoho la hao le letona? Ako le ntshe fubeng sa hao, o ba timeletse!

12. Leha ho le jwalo, Modimo ke Morena wa ka esale le kgale, ya ntseng a sebetsa dipoloko hara lefatshe.