BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 73:18-27 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Ka re: O mpa o ba beile nqalong tse thellang, wa ba diha, mme ba senyehile.

19. Ba fedile jwang hanghang! Ba timela, ba senyeha, ba wa ba tshohile hampe.

20. Ha eba jwaloka toro phaphamong, wa ba tsosa jwalo, Morena; o entse seriti sa bona ntho feela e nyedisehang.

21. Enereha pelo ya ka e ntse e tlokoma, ke utlwa tsenene e hlaba lethekeng la ka,

22. ke ne ke le letlaopa le sa tsebeng letho, ke ne ke le jwaloka phoofolo pela hao.

23. Empa jwale ke ntse ke o kgomarela, o ntataisa ka letsoho la ka le letona.

24. O tla ntsamaisa ka keletso ya hao, mme qetellong o ntholle kganyeng ya hao.

25. Ke na le mang mahodimong haese wena? Kantle ho wena ha ke kgahliswe ke letho lefatsheng.

26. Nama ya ka le pelo ya ka di ntse di fela; lefika la pelo ya ka le kabelo ya ka ke Modimo, ka ho sa yeng kae!

27. Hobane ba o kwenehelang ba tla fela. O timetsa bohle ba yang ho itshilafaletsa hole le wena.