BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 73:1-15 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Modimo o fela o le molemo ho Iseraele, ho ba pelo tse hlwekileng.

2. Haele nna, leoto la ka le batlile le kgoptjwa, mehato ya ka e batlile e thella;

3. hobane ke ne ke honohela baikakasi, ha ke bona lehlohonolo la banyefodi.

4. Hobane ha ba tsebe matshwenyeho ho isa lefung la bona, mmele wa bona o otleha hantle;

5. ba dutse kantle ho mahlomola a batho, mme ha ba otlwe jwaloka ba bang.

6. Ka baka leo, boikgohomoso bo ba ngomela jwaloka lepetu, sehloho se ba aparetse jwaloka kobo.

7. Mafura a rotola mahlo a bona, mehopolo ya pelo tsa bona e a itlhahisa.

8. Ke basomi, ke ba bolotsana, ba bolela ho tuba; ba bua ka puo tse phahameng.

9. Ba phahamisetsa melomo ya bona mahodimong, mme maleme a bona a lelera lefatsheng.

10. Ke ka baka leo setjhaba se retelehetseng ka nqa ho bona; se rata ho inwesa metsing a mangata,

11. se re: Na Modimo o ka tseba jwang? Mookamedi ya phahameng a ka ba le tsebo jwang?

12. Ba tadimeng ba babe bao! Ba iketla kamehla, ba totisa matlotlo a bona.

13. Ke feela ha ke hlwekisitse pelo ya ka, leha ke hlatswitse matsoho a ka bosweung;

14. ke otlwa ka matsatsi wohle, ke lauwa kameso yohle.

15. Hola nka re: Ke tla bua jwalo, moo e ka be e le ho eka moloko wa bana ba hao.