BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 72:13-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. o tla utlwela ya madimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ya lesitsi;

14. o tla ba lwela bohorohosong le botubong, madi a bona e be ntho e hlokwang mahlong a hae.

15. Ba tla nne ba phele, ba mo nee dikgauta tsa Seba, ba mo rapelle ka dinako tsohle, ba nne ba mmoke kamehla.

16. Nala ya mabele e tla ba teng lefatsheng hodima dithaba, diqwapi tsa wona di hwase jwaloka merokodi e dumang Lebanone; batho ba tla atleha metseng jwaloka dimela tsa naha.

17. Lebitso la hae le ke ke la fela, letsatsi ha le sa ntse le kganya, lebitso la hae le tla hloleha, batho ba hlohonolofatsane ka lona; ditjhaba tsohle di tla le hodisa.

18. Ho roriswe Jehova Modimo, Modimo wa Iseraele, ya etsang dintho tse makatsang a nnotshi!

19. Ho bokwe lebitso la hae le kganyang ka ho sa feleng; lefatshe lohle le ke le tlale kganya ya hae! Amen! e, amen!

20. Dithapelo tsa Davida, mora Jese, di fella moo.