BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 72:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Oho Modimo, o nee morena dikahlolo tsa hao, ho loka ha hao ho fuwe mora morena.

2. O tla ahlola setjhaba sa hao ka ho loka, le mafutsana a hao ka bokgabane.

3. Dithaba di tla tlisetsa setjhaba kgotso, le wona maralla ka baka la ho loka ha hae.

4. O tla ahlolela ba madimabe ba setjhaba, a thuse bana ba ya lesitsi, mme a hatakele batubi.

5. O tla tshajwa, letsatsi le kgwedi ha di sa kganya, melokong le melokong.

6. O tla theoha, a be jwaloka pula hodima makgulo, jwaloka medupe e kolobisang mobu.

7. Mehleng ya hae, ya lokileng o tla atleha, mme kgotso e ya nne e ate ho isa ha kgwedi e lesa ho ba teng.

8. O tla busa ho nka lewatleng le leng ho isa lewatleng le leng, le ho nka nokeng ho isa dipheletsong tsa lefatshe.

9. Baahi ba lefeella ba tla kgumama pela hae, bao e leng dira ho yena ba nyeke lerole;

10. marena a Tarshishe le a dihlekehleke a tla ntsha dineo, marena a Seba le a Saba a tlise dinyehelo.

11. Marena kaofela a tla kgumama pela hae, ditjhaba tsohle di mo sebeletse.

12. Hobane o tla boloka ya lesitsi ha a howa, le ya madimabe ya hlokang mothusi;