BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 71:16-24 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Ke tla tla, ke ntse ke bina diketso tsa hao tse phahameng; Morena Jehova, ke tla roka ho loka ha hao feela.

17. Modimo, o nthutile esale le botjheng ba ka, mme ke ntse ke tumisa mehlolo ya hao ho fihlela la kajeno.

18. Modimo, o se ke wa ntlohela ho fihlela botsofading bo boputswa; ke tle ke bolele diketso tsa hao ho moloko o tlang, le matla a hao ho bohle ba sa tlang ho tswalwa.

19. Ho loka ha hao, Modimo, ho phahamile ho fihla lehodimong. O entse ntho tse kgolo, Modimo; ya ka ka wena ke mang?

20. Wena ya re hlahiseditseng ditsietsi tse ngata tse bohloko, o tla boela o re fe bophelo, o be o re nyolle maleng a lefatshe.

21. Ekeletsa boholo ba ka, o kgutle, o ntshedise.

22. Le nna ke tla o rorisa ka pesalterine, ke bolele nnete ya hao, Modimo wa ka; ke tla o binela ka harepa, Mohalaledi wa Iseraele!

23. Nyakallo e tla be melomong ya ka, ha ke bina dithoko tsa hao, e tla ba le moyeng wa ka oo o o lopolotseng;

24. le lona leleme la ka le tla bolela ho loka ha hao ka matsatsi wohle; hobane ba batlang tahleho ya ka ba apesitswe ke dihlong le nyediso.