BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 71:14-18 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

14. Empa nna, ke tla tshepa kamehla, ke nne ke bolele dithoko tsohle tsa hao.

15. Molomo wa ka o tla bolela ho loka ha hao le poloko ya hao ka matsatsi wohle, hobane ha ke tsebe palo ya ditshitso tsa hao.

16. Ke tla tla, ke ntse ke bina diketso tsa hao tse phahameng; Morena Jehova, ke tla roka ho loka ha hao feela.

17. Modimo, o nthutile esale le botjheng ba ka, mme ke ntse ke tumisa mehlolo ya hao ho fihlela la kajeno.

18. Modimo, o se ke wa ntlohela ho fihlela botsofading bo boputswa; ke tle ke bolele diketso tsa hao ho moloko o tlang, le matla a hao ho bohle ba sa tlang ho tswalwa.