BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 69:23-36 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

23. Mahlo a bona a ke a ntshofale, a lese ho bona; matheka a bona a ke a kgwehle kamehla!

24. O tshollele bohale ba hao hodima bona, mollo wa kgalefo ya hao o ba fihlele!

25. Meaho ya bona e ke e fetohe dithako, ho se ke ha eba motho ya dulang ditenteng tsa bona!

26. Hobane ba hlorisa eo o mo otlileng, ba rata ho bolela mahloko a bao o ba hlabileng.

27. O eketse makgopo a bona ka makgopo a mang, ba se ke ba eba le kabelo ho lokeng ha hao!

28. Ba hlakolwe bukeng ya ba phelang, ba se ke ba ngolwa le ba lokileng!

29. Haele nna, ke hlomohile, ke bohloko; thuso ya hao, Modimo, e ke e mpee nqalong e phahameng.

30. Ke tla rorisa lebitso la Modimo ka dithoko, ke le tumise ka dipoko;

31. hoo ho tla kgahlisa Jehova ho fetisa dipoho, dipoho tse dinaka le ditlhako.

32. Bahlomohi ba tla bona hoo, ba thabe. Pelo tsa lona a di ke di phele, lona ba batlang Modimo!

33. Hobane Jehova o mamela ba lesitsi, mme ha a nyedise ba hae ba holehilweng.

34. Mahodimo a a ke a mo rorise, le lefatshe, le mawatle, le tse utlwang ho tsona kaofela!

35. Hobane Modimo o tla boloka Sione, o tsose metse ya Juda; ba tla aha ho yona, e boele e be leruo la bona;

36. e tla ba lefa la ditloholo tsa bahlanka ba wona, mme ba ratang lebitso la wona ba tla nne ba ahe ho yona.