BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 69:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Modimo, mpoloke! hobane metsi a batla ho nka bophelo ba ka!

2. Ke tetebetse mokoting wa diretse, seretse se nyebella tlasa maoto a ka; ke tetebetse metsing a bodiba; maqhubu a wona a nkimela.

3. Ke kgathaditswe ke ho howa, mmetso wa ka o omeletse; mahlo a ka a fifala, ha ke ntse ke lebeletse Modimo wa ka.

4. Ba ntlhoileng feela ba bangata ho feta diqoba tsa moriri wa hlooho ya ka; bao e leng dira ho nna feela, ba ratang ba ka mpolaya, ba matla haholo; ke lefiswa le seo ke sa se utswang.

5. Oho Modimo, o tseba diphoso tsa ka, le ditlolo tsa ka ha di a pateha ho wena.

6. Morena, Jehova wa makgotla, ba o tshepang ba se ke ba hlajwa ke dihlong ka baka la ka; Modimo wa Iseraele, ba o batlang ba se ke ba swaba ka baka la ka.

7. Hobane ke ka baka la hao ke jereng ditshomo; sefahleho sa ka se kwahetswe ke dihlong.