BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 67:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Modimo a o ke o re hauhele, o re hlohonolofatse; o ke o re kgantshetse sefahleho sa wona, (Sela.)

2. hore tsela ya hao e tsejwe lefatsheng, le poloko ya hao ditjhabeng tsohle.

3. Modimo, ditjhaba a di ke di o rorise, merabe yohle e ke e o rorise.

4. Ditjhaba di ke di nyakalle, di bine difela tsa thabo; hobane o tla ahlola ditjhaba ka ho loka, o tsamaise ditjhaba lefatsheng. (Sela.)