BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 65:3-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

3. Boima ba makgopo bo a nkimela, empa o hlakotse ditlolo tsa rona.

4. Ho lehlohonolo eo o mo kgethileng, eo o mo atametsang pela hao, a tle a ikahele mabaleng a hao. Re tla kgora tse monate tsa ntlo ya hao, tsa tempele ya bokgethehi ba hao!

5. Oho Modimo wa poloko ya rona, o re arabela ho lokeng ha hao ka diketso tse tshabehang; wena, tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe le ho isa moo mawatle a fellang teng;

6. wena ya tiisang dithaba ka matla a hao, ya apereng matla;

7. ya kgutsisang modumo wa mawatle, modumo wa maqhubu a wona, le mohorohoro wa ditjhaba.

8. Ba ahileng pheletsong tsa lefatshe ba tshoha mehlolo ya hao; o thabisa ba ahileng botjhabela le bophirimela.

9. O lekola lefatshe, o a le nosetsa, o le ruisa haholoholo; metsi a tlala molatswaneng wa Modimo; o lokisetsa batho mabele, ha o lokisa lefatshe jwalo.

10. O nosetsa boleme ba lona bo lemilweng, o phophotha makote a lona, o le nolofatsa ka dipula, mme o hlohonolofatsa dimela tsa lona.

11. O rwesa selemo molemo wa hao, nala e latela mehlala ya hao;

12. mehlala ya hao e medisa makgulo a nahathothe, dithota di apara thabo.

13. Makgulo a tlala mehlape, diphula di apeswa ke mabele, mme ho utlwahala mehoo ya thabo le dipina.