BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 57:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Nkgauhele, Modimo, o nkgauhele! Hobane moya wa ka o ipatlela setshabelo sa wona ho wena, ke balehela moriting wa mapheo a hao, ditshenyo tsena di be di fete.

2. Ke howeletsa ho Modimo, Mookamedi ya phahameng, Modimo o sebetsang bakeng sa ka!

3. O ya romela, o le mahodimong, ho tla mpoloka, ha ba mpefeletsweng ba nnyedisa. (Sela.) Modimo o tla romela mohau wa wona le nnete ya wona.

4. Moya wa ka o hara ditau, ke robala hara batho ba phutsalatsang malakabe a mollo, hara batho bao meno a bona e leng marumo le metsu; le maleme a bona ke matlele a bohale.

5. Modimo, o iphahamise, o be o okamele mahodimo; kganya ya hao e bonahale lefatsheng lohle!

6. Ba ne ba tjhehile leraba tlasa maoto a ka; moya wa ka o ne o kobehile. Ba ne ba tjhekile lemena pela ka, ho wetse bona ho lona. (Sela.)

7. Modimo, pelo ya ka e tiile, pelo ya ka e tiile. Ke rata ho o roka ka dipina le ka difela.