BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 56:5-13 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

5. Ba tsietsa, ba senya ditaba tsa ka ka dinako tsohle; mehopolo ya bona kaofela e lebile tshenyehong ya ka.

6. Ba lalla, ba nanara, ba hlwela mehato ya ka, hobane ba lebeletse sebaka sa ho tlosa bophelo ba ka.

7. Ba tshepile hobane ba tla phonyoha ka bokgopo ba bona. Oho Modimo, o dihele ditjhaba ka bohale ba hao!

8. O bala dipaleho tsa ka; o bokelle meokgo ya ka lekukeng la hao. Ha ke re, e ngodilwe bukeng ya hao na?

9. Ka letsatsi leo ke tlang ho bitsa ho wena, bao e leng dira ho nna ba tla suthela morao. Hoo ke ho tsebang, ke tseba hobane Modimo o na le nna.

10. Ke ithorisa ka Modimo, ka lentswe la wona; ke ithorisa ka Jehova, ka lentswe la hae.

11. Ke itshepetse Modimo, nke ke ka tshaba letho: motho a ka nketsang?

12. Oho Modimo, ke tlamilwe ke dikano tseo ke di entseng; ke tla o buseletsa diteboho.

13. Hobane o lwetse bophelo ba ka lefung, o bolokile maoto a ka ho weng, ke tle ke tsamaye pela hao, Modimo, leseding la ba utlwang.