BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 56:1-8 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Oho Modimo, o nkgauhele, hobane batho ba mpefeletswe, ba ntwantsha tsatsi lohle, ba ntuba;

2. ba ntwantshang ba mpefellwa tsatsi lohle, ba bangata ba ntwantshang ka boikgohomoso.

3. Empa ka letsatsi la tshoho, ke bea tshepo ya ka ho wena.

4. Ke ithorisa ka Modimo, ka lentswe la wona; ke itshepetse Modimo, ha ke tshabe letho: motho a ka nketsang?

5. Ba tsietsa, ba senya ditaba tsa ka ka dinako tsohle; mehopolo ya bona kaofela e lebile tshenyehong ya ka.

6. Ba lalla, ba nanara, ba hlwela mehato ya ka, hobane ba lebeletse sebaka sa ho tlosa bophelo ba ka.

7. Ba tshepile hobane ba tla phonyoha ka bokgopo ba bona. Oho Modimo, o dihele ditjhaba ka bohale ba hao!

8. O bala dipaleho tsa ka; o bokelle meokgo ya ka lekukeng la hao. Ha ke re, e ngodilwe bukeng ya hao na?