BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 55:2-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

2. o nkutlwe, mme o nkarabe! Ke timeletswe, ke sisa pelo, ke a dumaduma,

3. ha ke utlwa lentswe la sera, ke le katlasa botubo ba molotsana; hobane ba ntshela ka bobe, ba ntlhorisa ka bohale.

4. Pelo ya ka e thothomela kahare ho nna, matshabeho a lefu a ntshwere.

5. Tshabo le thothomelo di nkeneletse, tshoho e nkimetse.

6. Ka re: Ke mang ya ka mphang mapheo a jwaloka a leebakgorwana,

7. ka iphofela, ka ya aha phomolong. Ke be ke ya balehela hole, ke hlome ntlo feelleng; (Sela.)

8. ke phakise ke fumane lehaha le mpolokang moyeng le sefefong.

9. A ba ke ba fele, Morena; o sitise dipuo tsa bona; hobane ke bone sehloho le diphapang motseng.

10. Di potoloha marakong a wona motshehare le bosiu; bokgopo bo dutse hara wona le bomadimabe;

11. tshenyeho e ikaheletse teng, botubo le thetso ha di suthe mapatlelong a wona.