BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 50:13-23 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

13. Hleka o re, ke ja dinama tsa dipoho, ke nwa madi a diphooko?

14. O abele Modimo diteboho tsa hao, o lefe dikano tsa hao ho Mookamedi ya phahameng!

15. O ntoo bitsa ho nna ka letsatsi la matswalo; ke tla o namolela, mme o tla nkgodisa!

16. Empa Modimo o re ho molotshana: O etsang, ha o bolela melao ya ka? Molomo wa hao o bolela selekane sa ka keng,

17. haele moo o hloile ho lauwa, o lahletse mantswe a ka kamora hao?

18. Ha o bona leshodu, o titimela ho lona, o tlwaelane le bafebi.

19. O lokollela molomo wa hao bobe, leleme la hao le loha thetso;

20. ere moo o dutseng, o nyefole ngwaneno, o etselletse ngwana mmao.

21. Ke tseo o di entseng, mme kahobane ke ikgutseditse, o hopotse hoba nna ke ya jwaloka wena; ke tla o kgalemela, ke hlanole tsohle mahlong a hao.

22. Lemohang tseo, lona ba lebaleng Modimo, esere mohlomong ka le harola, mme ha hlokahala ya namolelang!

23. Ya ntlhabelang sehlabelo sa diteboho ke yena ya ntlotlisang; e mong le e mong ya lokisang tsela ya hae, ke tla mmontsha poloko ya Modimo.