BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 49:1-7 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Mamelang ditaba tsena, lona ditjhaba kaofela; le sekehe ditsebe, lona batho bohle ba ahileng lefatsheng:

2. bao e leng batho feela, le lona marena, le ya ruileng le ya fumanehileng, bohle hammoho!

3. Molomo wa ka o tla bolela bohlale, dinahano tsa pelo ya ka di rute kutlwisiso.

4. Ke sekehela polelo tsa hlalefo ditsebe tsa ka, ke lotha selotho sa ka, ke ntse ke letsa harepa.

5. Nka tshaba eng ka letsatsi le lebe, ha ke teetswe hare ke bolotsana jwa ba ntjhehelang,

6. ba itshepetseng menono ya bona, ba ithorisang ka bongata ba maruo a bona?

7. Ha ho le a mong wa bona ya ka tsebang ho lopolla ngwanabo, leha e le ho ntshetsa Modimo topollo bakeng sa hae.