BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 47:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Lona ditjhaba kaofela, opang ka diatla! Hlasimolohelang Modimo ka dipina tsa nyakallo!

2. Hobane Jehova, Mookamedi ya phahameng, o tshwanelwa ke ho tshajwa; ke yena Morena e moholo wa lefatshe lohle.

3. O beile ditjhaba katlasa rona, le merabe katlasa maoto a rona;

4. O re kgethetse lefa la rona, mokgabo wa Jakobo eo a mo ratang. (Sela.)