BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 45:8-17 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Mirra le aloe le kasia di arubetsa diaparo tsa hao; o thabiswa ke modumo wa diharepa matlung a borena a kgabisitsweng ka manaka a ditlou.

9. Baradi ba marena ba hara ba ratwang ke wena; mofumahadi wa hao o letsohong la hao le letona, a hlophehile ka kgauta ya Ofire.

10. Mamela, moradi wa ka, o lemohe, o sekehe ditsebe! Lebala setjhaba sa heno le ntlo ya ntatao!

11. Morena o lakatsa botle ba hao; erekaha e le morena wa hao, o mo utlwe.

12. Moradi wa Tire o tla o nyehela, ba baholo hara setjhaba ba o ananele.

13. Kahare ho ntlo, moradi wa morena o dutse bokgabaneng feela; seaparo sa hae ke lesela le homilweng ka kgauta.

14. O iswa ho morena hodima diphate tse mebalabala; thaka tsa hae tsa barwetsana di tla ho wena kamora hae,

15. di tliswa ka thabo le nyakallo, di kena tlung ya morena.

16. Ditulong tsa bontatao ho tla dula bara ba hao, o tla ba bea mahosana lefatsheng lohle.

17. Ke tla hopodisa lebitso la hao melokong yohle e tlang ho tla; ka baka leo, ditjhaba di tla o rorisa kamehla, ka ho sa feleng.