BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 45:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Taba tse monate di bela pelong ya ka; ke re, ke qapela morena; leleme la ka a le ke le be jwaloka lesiba la mongodi ya masene!

2. Ka botle o fetisa bana ba batho, mosa o tsholoha melomong ya hao; ka baka leo, Modimo o o hlohonolofaditse ka ho sa feleng.

3. O mohale! o itlamelle sabole ya hao lehlakoreng la hao; ke hlopheho ya hao le kganya ya hao!

4. Kganyeng ya hao o hlwelle koloing ya hao ya hlolo, o lwanele nnete le molemo le ho loka; letsoho le letona la hao le ke le o rute diketso tse makatsang!

5. Metsu ya hao e ntjhotjho; ditjhaba di tla wela pela maoto a hao; o tla hlaba pelo tsa bao e leng dira ho morena.

6. Terone ya hao ke terone ya Modimo; e tiile ka ho sa feleng; lere la borena ba hao ke lere la ho loka!

7. O rata ho loka, mme o hloile bokgopo. Ka baka leo, Modimo, Modimo wa hao, o o tlotsitse ka ole ya nyakallo ho fetisa balekane ba hao.

8. Mirra le aloe le kasia di arubetsa diaparo tsa hao; o thabiswa ke modumo wa diharepa matlung a borena a kgabisitsweng ka manaka a ditlou.

9. Baradi ba marena ba hara ba ratwang ke wena; mofumahadi wa hao o letsohong la hao le letona, a hlophehile ka kgauta ya Ofire.

10. Mamela, moradi wa ka, o lemohe, o sekehe ditsebe! Lebala setjhaba sa heno le ntlo ya ntatao!