BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 44:18-26 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. pelo tsa rona di ne di sa ka tsa o furalla, le maoto a rona a sa ka a kgeloha ditsela tsa hao,

19. ha o tla re thuhakanya dinaheng tsa diphokojwe, wa re apesa ka moriti wa lefu.

20. Hola ra lebala lebitso la Modimo wa rona, ra emisetsa modimo osele matsoho a rona,

21. na Modimo o ka be o sa ka wa tseba na? Athe o tseba makunutu a dipelo.

22. Empa feela, re bolawa ka baka la hao ka matsatsi wohle, re lekantswe le dinku tse hlajwang.

23. Phaphama! o robaletseng, Morena? O phaphame, o se ke wa re lahla ka ho sa feleng!

24. O re patellang sefahleho sa hao, o leballang bomadimabe ba rona le ho tujwa ha rona?

25. Hobane meya ya rona e tepelletse leroleng, mmele ya rona e kgomaretse mobu.

26. Tsoha ho tla re thusa; o re namolele ka baka la mohau wa hao!