BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 44:1-12 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Modimo, re utlwile ka ditsebe tsa rona, bontata rona ba re boleletse diketso tse phahameng tseo o di entseng mehleng ya bona, mehleng ya boholoholo.

2. O lelekisitse ditjhaba ka letsoho la hao, hore o ba bee tulong tsa tsona; wa fedisa ditjhaba, hore o ba atise.

3. Hobane ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokwa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka kganya ya sefahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.

4. Modimo, ke wena Morena wa ka! o laole topollo ya Jakobo!

5. Ka wena re tla diha dira tsa rona, ka lebitso la hao re hatakele ba re tsohelang matla.

6. Hobane ha ke tshepe seqha sa ka, ha ke bolokwe ke lerumo la ka;

7. empa ke wena ya re namolelang direng tsa rona, ya tsielehisang ba re hloileng.

8. Re ithorisa ka Modimo ka matsatsi wohle; re tla roka lebitso la hao ka ho sa yeng kae! (Sela.)

9. Empa jwale, o re lahlile, o re apesitse dihlong, o lesitse ho tsamaya le makgotla a rona;

10. o re balehisitse pela dira, ba re hloileng ba ikela le kgapo;

11. O re neetse bona jwaloka dinku tse hlajwang, wa re qhalanyetsa hara ditjhaba;

12. o rekisitse lefeela ka setjhaba sa hao, ha o a ka wa thethesa theko ya sona.