BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 42:8-11 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

8. Leha ho le jwalo Jehova o tla ntshitsa motshehare ka mohau wa hae, mme bosiu thoko ya hae e tla ba molomong wa ka, ke rapele Modimo wa bophelo ba ka.

9. Ke tla re ho Modimo, lefika la ka: O ntebalelang? Ke tsamaelang ka dillo tlasa botubo ba sera?

10. Masapo a ka a robeha, ha bao e leng dira ho nna ba ntlaka, ba ntse ba re ho nna ka matsatsi wohle: O kae na Modimo wa hao?

11. Moya wa ka, o hlorelang, o nyarohetseng kahare ho nna? O itshepele Modimo; ke sa tla o roka, ke Mmoloki wa ka le Modimo wa ka.