BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 4:1-4 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ha ke bitsa, o nkarabe, wena Modimo wa ho loka ha ka! Ha ke le matswalong, o a ntokolla! Nkgauhele, o mamele thapelo ya ka.

2. Lona bana ba batho, kganya ya ka le tla e fetola sesomo, le rate bosawana, le tiise leshano ho le hokae na? (Sela.)

3. Tsebang hobane Jehova o tlotlisa eo a mo ratang. Ha ke bitsa ho yena, Jehova o a nkutlwa.

4. Tshohang, le se ke la seba. Ha le robetse, le lose teng, le setse le kgutsitse. (Sela.)