BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 39:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. Ke ne ke itse: Ke tla fadimehela ditsela tsa ka, ke tle ke se ke ka seba ka leleme la ka; ke tla bea sethibelo molomong wa ka, ha e mobe a sa ntse a le pela ka.

2. Ke ne ke le semumu, ke ikgutseditse, ka itima ho bua, leha e le tsa botle; empa bohloko ba ka ba eketseha;

3. pelo ya ka e ne e tjhesa sefubeng sa ka, mehopolo ya ka e ne e tukisa mollo, yaba leleme la ka le bua, la re:

4. Jehova, o ntsebise bofello ba bophelo ba ka, le bokae ba ditshiu tsa ka, ke tle ke tsebe hoba ke feta kapele hakakang!

5. Bona, o lekanyeditse ditshiu tsa ka di be jwaloka boahlamo ba seatla; ditshiu tsa ho phela ha ka di jwaloka ntho e leng siyo pela hao; ruri, motho e mong le e mong ya leng teng ke mofehelo feela. (Sela.)

6. Efela motho o itsamaela jwaloka seriti, o a dumaduma, o ikgathaletsa ntho e fetang; o ipokellela maruo, mme ha a tsebe hobane a ya jewa ke mang!

7. Mme jwale, Morena, seo nka se lebellang keng? Tshepo ya ka e ho wena.

8. O ntwele dibeng tsa ka kaofela, o se ke wa mpeela ditshomo tsa lewatla.

9. Ke a kgutsa, ha ke ahlamise molomo, hobane ke wena ya sebetsang.

10. O suthise dikotlo tsa hao ho nna; ke fela katlasa kgalemelo ya letsoho la hao.