BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 38:4-14 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

4. Hobane makgopo a ka a phahamile ho feta hlooho ya ka, a nkimela ka boima ba wona jwaloka phahlo e thata.

5. Maqeba a ka a nkga, a tswa boladu, ka ketso ya bohlanya ba ka.

6. Ke kobame, ke manahane hampe; ke ntse ke tsamaya ka bofifi tsatsi lohle;

7. hobane mollo o tuka maleng a ka, ha ho sa le letho le pholohileng nameng ya ka.

8. Ke feletswe ke matla, ke robehile hampe, ke dumaela ka baka la ho hlora ha pelo ya ka ...

9. Morena, dithato tsa ka kaofela di pela hao, masisapelo a ka ha a pateha ho wena.

10. Pelo ya ka e a opa, matla a ka a ntlohela, le lona lesedi la mahlo a ka ha le sa le yo ho nna.

11. Metswalle ya ka le banabeso ba emetse thoko, ha ba bona leqeba la ka, le beso ba emetse hole.

12. Ba batlang bophelo ba ka ba tjheha maraba a bona, ba batlang tshenyeho ya ka ba bolela tsa ho senya, ba loha mano tsatsi lohle.

13. Empa nna, ke tshwana le ya thibaneng ditsebe, ke jwaloka semumu se sa ahlamiseng molomo wa sona.

14. Ke jwaloka motho ya sa utlweng, ya se nang phetolo molomong wa hae.