BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 38:16-22 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

16. Hobane ke itse: Ba se ke ba thaba ka nna! Ha leoto la ka le kgoptjwa, ba mphahamela ka boikakaso.

17. Hobane ke ntse ke batla ho wa, bohloko ba ka bo ntse bo le mona pela ka;

18. hobane ke ipolela bokgopo ba ka, mme ke hlora ke sebe sa ka.

19. Empa bao e leng dira ho nna ba phela, ba matla; ba ntlhoileng feela ba bangata.

20. Ba ntefela botle ka bobe, ba ntwantsha, hobane ke phehella botle.

21. O se ke wa ntlohela, Jehova, Modimo wa ka! O se ke wa emela hole le nna!

22. Phakisa ho tla nthusa, wena Morena, Mmoloki wa ka!