BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 37:6-20 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

6. O tla bonahatsa tokelo ya hao jwaloka lesedi, le ho loka ha hao jwaloka ho ela ha motshehare.

7. O lebelle Jehova o ikgutseditse, o itshepise ka yena. O se ke wa hlora ka baka la ya atlehang tseleng ya hae, ka baka la motho ya leseho bolotsaneng ba hae.

8. O kokobetse bohale ba hao, o tele kgalefo, o se ke wa hlora; ebe etlaba o etsa bobe.

9. Hobane ba bolotsana ba tla fediswa, athe ba itshepetseng Jehova ba tla rua lefatshe.

10. Ho se ho se hokae, mme molotsana o tla ba siyo; o tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le siyo;

11. empa ba bonolo ba tla rua lefatshe ba iketle kgotsong e kgolo.

12. Molotsana o rera ya lokileng, o mo tsikitlanyetsa meno.

13. Morena o tsheha ka yena, hobane o bona hoba letsatsi la hae le a tla.

14. Ba bolotsana ba tsomotse marumo, ba tjhehile diqha ho diha mohlomohi le mofumanehi, ho bolaya ba metsamao e lokileng;

15. marumo a bona a tla fohla dipelong tsa bona, diqha tsa bona di robehe.

16. Se senyenyane se ruilweng ke ya lokileng se fetisa nala ya ba babe ba bangata;

17. hobane matsoho a ba babe a tla robeha, empa Jehova o tiisa ba lokileng.

18. Jehova o tseba matsatsi a ba lokileng, ba tiiseditswe lefa la bona ka ho sa feleng;

19. ba ke ke ba swaba matsatsing a mabe, ba ya nne ba kgore ka matsatsi a tlala.

20. Ba bolotsana ba ya fela, bao e leng dira ho Jehova ba tla timela jwaloka makgulo a matle, ba timele jwaloka mosi.