2. Hobane, jwaloka jwang, ba ya phakisa ba helwe, ba se ba ya pona jwaloka motalane.
3. O be le tshepo ho Jehova, o etse ho hotle; o ahe lefatsheng, o ikgorisetse nneteng.
4. O ikgahlisetse ho Jehova, mme o tla o nea se batlwang ke pelo ya hao.
5. O laeletse tsela ya hao ho Jehova, o mo tshepe; ho tla sebetsa yena.
6. O tla bonahatsa tokelo ya hao jwaloka lesedi, le ho loka ha hao jwaloka ho ela ha motshehare.
7. O lebelle Jehova o ikgutseditse, o itshepise ka yena. O se ke wa hlora ka baka la ya atlehang tseleng ya hae, ka baka la motho ya leseho bolotsaneng ba hae.
8. O kokobetse bohale ba hao, o tele kgalefo, o se ke wa hlora; ebe etlaba o etsa bobe.
9. Hobane ba bolotsana ba tla fediswa, athe ba itshepetseng Jehova ba tla rua lefatshe.
10. Ho se ho se hokae, mme molotsana o tla ba siyo; o tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le siyo;
11. empa ba bonolo ba tla rua lefatshe ba iketle kgotsong e kgolo.