BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 37:18-31 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

18. Jehova o tseba matsatsi a ba lokileng, ba tiiseditswe lefa la bona ka ho sa feleng;

19. ba ke ke ba swaba matsatsing a mabe, ba ya nne ba kgore ka matsatsi a tlala.

20. Ba bolotsana ba ya fela, bao e leng dira ho Jehova ba tla timela jwaloka makgulo a matle, ba timele jwaloka mosi.

21. E mobe o a adima, mme ha a buse; empa ya lokileng o na le mohau, o a fana;

22. hobane ba hlohonolofatswang ke Jehova ba tla ja lefa la lefatshe, empa bao a ba rohakang ba tla fediswa.

23. Jehova o tiisa metsamao ya ya lokileng, o kgahliswa ke tsela ya hae;

24. leha a ka wa, ha a welle ruri, hobane Jehova o mo nenesa ka letsoho.

25. Nkile ka ba motjha, mme jwale ke tsofetse; empa ha ke eso ho bone ya lokileng a tlohelwa, leha e le ditloholo tsa hae di sikila bohobe;

26. o fana kamehla, o bile o a adima, mme hlohonolofatso e dutse hodima ditloholo tsa hae.

27. Sesefa bobe, o etse botle, ke moo o tla dula o iketlile ka ho sa yeng kae.

28. Hobane Jehova o rata ho loka, mme ha a tlohele bakgethwa ba hae; ba bolokwa kamehla; empa lesika la ba babe le tla fediswa.

29. Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatshe, mme ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.

30. Molomo wa ya lokileng o ntsha mantswe a hlalefileng, leleme la hae le bolela ho loka;

31. pelong ya hae o na le molao wa Modimo wa hae, maoto a hae a ke ke a thella.