BIBELE e Halalelang

Dipesaleme 37:1-10 BIBELE e Halalelang (SSO61SO)

1. O se ke wa hlora ha o bona ba bolotsana, o se ke wa honohela ba etsang ho hobe!

2. Hobane, jwaloka jwang, ba ya phakisa ba helwe, ba se ba ya pona jwaloka motalane.

3. O be le tshepo ho Jehova, o etse ho hotle; o ahe lefatsheng, o ikgorisetse nneteng.

4. O ikgahlisetse ho Jehova, mme o tla o nea se batlwang ke pelo ya hao.

5. O laeletse tsela ya hao ho Jehova, o mo tshepe; ho tla sebetsa yena.

6. O tla bonahatsa tokelo ya hao jwaloka lesedi, le ho loka ha hao jwaloka ho ela ha motshehare.

7. O lebelle Jehova o ikgutseditse, o itshepise ka yena. O se ke wa hlora ka baka la ya atlehang tseleng ya hae, ka baka la motho ya leseho bolotsaneng ba hae.

8. O kokobetse bohale ba hao, o tele kgalefo, o se ke wa hlora; ebe etlaba o etsa bobe.

9. Hobane ba bolotsana ba tla fediswa, athe ba itshepetseng Jehova ba tla rua lefatshe.

10. Ho se ho se hokae, mme molotsana o tla ba siyo; o tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le siyo;